Chatsane & Sesotho Speakers

Call

Chatsane & Sesotho Speakers Re ngola puo ea Sesotho! Re e ngola e le puo molemong oa batho ha ba il'o bua meketeng, manyalong, mafung,joalo-joalo.

Re bile re ngola libuka ka eona puo ea Sesotho!

Tsa Kolecheng!Mahlohonolo ke ao ntate Khaebana!  sitoa ke'ng?
08/10/2026

Tsa Kolecheng!

Mahlohonolo ke ao ntate Khaebana!

sitoa ke'ng?

Tlohong re le thuse ka puo!
08/10/2026

Tlohong re le thuse ka puo!

07/10/2026
ORA ET LABORA!Maobane ke ha bana ba Nkhono ba etselitsoe 'Misa. Ba lokisetsoa kajeno ha ba qala litlhahlobo tsa Makhaola...
07/10/2026

ORA ET LABORA!

Maobane ke ha bana ba Nkhono ba etselitsoe 'Misa. Ba lokisetsoa kajeno ha ba qala litlhahlobo tsa Makhaola-Khang! Ke taba ea mantlha mona Christ the King High School Official ho rapela le ho sebetsa ka thata. Ke kahoo re reng "Ora et Labora!".

Mahlohonolo ke ao hle banna!!

sitoa ke'ng?

06/10/2026

TSA KOLECHENG!

Moshana o tsoa mose ho Mohokare!

Khele! Ngoana enoa o batlile a ntharahanya leleme ha rea qetellong ea puisano ena mane!🤣🤣

Ak'u imamelle!

sitoa ke'ng?

Le ke le sothele kamono ka ho "Tšenolo FM" ha hora ea leshome le motso o le mong e feta ka mashome a mararo a metsotso! ...
06/10/2026

Le ke le sothele kamono ka ho "Tšenolo FM" ha hora ea leshome le motso o le mong e feta ka mashome a mararo a metsotso!

# RE PHETA MEHLALA!

TSA KOLECHENG!Enoa ke ntate Ntlai oa Lekoleche! Mehleng ea hae koana Ha Nkhono 'Mapoho, joaloka ntate Chatsane oa Mosoth...
05/10/2026

TSA KOLECHENG!

Enoa ke ntate Ntlai oa Lekoleche! Mehleng ea hae koana Ha Nkhono 'Mapoho, joaloka ntate Chatsane oa Mosotho, e bile lejoe la mantlha la motheho ha ho ne ho thehoa Mahosi!

Ntate Ntlai o sa tsoa apesoa a fumana lengolo la:

"Bachelor of Nursing Science in Primary Health Care and Management."

Ehlile Lekoleche lena ha se motho feela, ke motho oa maemo! Utloa maemo a hae: "

1.Unit Manager QMMH.
2.Unit Manager for Primary Health Care
3. National AIDS Commission Board of Commissioners Chair.
4. Lesotho Taekwondo Association,technical commission- National Safeguarding officer."

Khele! Re motlotlo ka uena Lekoleche!

sitoa ke'ng?

TSA KOLECHENG!Mahlohonolo ke ao Morena! Ei! Batho b'a nthabisa bana!  sitoa ke'ng?
05/10/2026

TSA KOLECHENG!

Mahlohonolo ke ao Morena! Ei! Batho b'a nthabisa bana!

sitoa ke'ng?

04/10/2026

Ke kopa ho batlisoa tokomane ea ho qhoba ea mabitso a Tieang Sefali. Pelaelo ke h**e e lahlehile Roma mafelo a beke ena e felang. Ak'u re tholise nomoromg ena: 63036586.

Ha le kopana le nna ke se ke le sekotlokotlo le se ke la makala! Ke etsoa ke thabo. Ehlile sekolo sena Christ the King H...
03/10/2026

Ha le kopana le nna ke se ke le sekotlokotlo le se ke la makala! Ke etsoa ke thabo. Ehlile sekolo sena Christ the King High School Official se etsa banna kaofela, Manamane. Manamane ana ha se lilahla-marungoana, ke koakoariri tse tlang le marumo le lithebe ekasitana le selo se tsoa khakala!

Rea leboha hle monna Monaheng , re thabile, re motlotlo ka uena! Mahlohonolo ke ao ntate!

# Nka sitoa ke'ng?

Address

Maseru

Telephone

+26663036586

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Chatsane & Sesotho Speakers posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Shortcuts

Share

Category